Mosebetsi oa Rona

Basebetsi ke bona mohloli o tšepahalang oa litaba sebakeng sefe kapa sefe sa tšebetso, ke kahona e leng bona mokokotlo oa tšebetso ea WRC ea liphuputso. Ho bohlokoa ho WRC ho buisana le basebetsi ha ba se sebakeng sa mosebetsi, kantle ho tsebo kapa tšusumetso ea bookameli ba lifeme, e le ho lumella basebetsi ho bua ka bolokolohi ntle ho tšabo ea boiphetetso ba mohiri. Ha bareki ba etsa liphuputso ka bahlahisi ba bona, b abuela le basebetsi hona sebakeng sa mosebetsi e le tsela ea ho netefatsa hore basebetsi ba khetha litaba tseo ba li buang- ba se bue letho le hlakileng khahlanong le bookameli. Ka tsela ena ea tšebetso, WRC e tseba ho fumana le ho utolla khatikelo e teng ea litokelo tsa bosebetsi tseo bareki ‘moho le mekhatlo ea bona ea liphuputso ba hlohang ba iphapanyetsa ho li sebetsa.

WRC e ahile lihlopha tsa bafuputsi linaheng tseo e sebetsang ho tsona, ‘me ba thehile maqhama le mekhatlo ea basebetsi, mekhatlo e sebetsanang le litokelo tsa mantlha tsa botho, mekhatlo ea basali le mekhatlo e ikemetseng lefatše ka bophara. E le karolo ea mosebetsi oa rona, WRC e ntša litlaleho tse totobetseng mabapi le tseo liphuputso tsa rona li li fumanang lifemeng esita le likarabo tsa bareki, barekisi le beng ba lifeme litabeng tseo. WRC e qobella bareki le bahlahisi ba bona lefatše ka bophara ho kenya tšebetsong matšolo a ho lokisa mathata a pepesoang ke litlaleho tsa rona: ho patala basebetsi litsiane tsa bona tse saletseng morao, ho khutlisetsa basebetsi ba beheletsoeng ka thoko ho mosebetsi ntle ho mabaka a tšoarehang, esita le ho lokisa maemo a polokeho sebakeng sa mosebetsi.

Mosebetsi oa WRC o thusitse ho hlaisa leseling sebopeho le sesosa sa tlolo tsa melao ea bosebetsi e teng mecheng ea tlhahiso le phepelo ea lihlahisoa lefatše ka bophara, esita le ho pepesa bofokoli ba merero ea ho beha tšebetso leihlo e hlomamisoang ke bahlahisi le ho tsamaisa lipuisano tsa mecha e nepahetseng ea tlhopho-bocha.

Hore maemo a tšebetso a tle a nepahale bohlahising; ho hlokahala liphetoho tse hlophisitsoeng bocha: ho thatiseletsa litšepiso tsa bareki ka ho kenya tšebetsong boitlamo ba bona lefatše ka bophara esita le ho tataisa bareki ho khaotsa tloaelo ea bona ea ho susumetsa bahlaisi ho theola boleng ba thekisetsano kaha ho etsa seo e le tšusumetso ea tlhekefetso. Re eme ka maoto ho netefatsa katleho ea litaba tsena.

Re bapetse karolo e kholo ho susumetsa manane a tsoetseng pele ho baballa litokelo tsa bosebetsi lilemong tse leshome tse fetileng, ho kenyeletsa “Coalition to  End Uyghur Forced Labor”, le tumellano e nenang tlhekefetso ea botho/boleng le khoboso e amang lifeme tsohle le basebetsi ba Nien Hsing Lesotho, le “the Accord on Building and Fire Safety” ea Bangladesh, esita le “Fruit of the Loom Workforce” ea Honduras e netefatsang tokelo ea basebetsi ho kena mekhatlo le ho e theha.