Basebetsi ba Qobelloang ba Uyghur

Workers in the Uyghur Region cleaning cotton.

Tlhekefetso tse etsoang ke ‘muso oa China holim’a batho ba Uyghur esita le merabe e meng ea Turkic le Mamoseleme, tse suptjoang e le tlhekefetso khahlanong le litokelo tsa botho, li tlameletsa bareki le barekisi ba ka sehloohong ho hatikela litokelo tsa mantlha tsa botho. Ho qobella batho ho sebetsa ka tšusumetso ea ‘muso ho bataletse haholo tikolohong ea Xinjiang Uyghur esita le mathoko a eona; ‘me tlhekefetso ena e kopana le likhatikelo tseling tsa litokelo tsa mantlha tsa botho tse tšosang, tse tse kenyeletsang ho tšoaroa le ho sotloa hoa basebetsi ka bongata ho seng molaong, ho qobella basebetsi ho khema le mokha o itseng oa lipolotiki, ho qobella malapa ho arohana esita le ho boha kapa ho hatisa liketsahalo tsohle tsa bophelo ba basebetsi ka tsela e seng molaong.

Tlhahiso ea masela le liaparo ke taba e khubung ea khahleho ea lenaneo la ‘muso oa China la tlhekefetso ea ho qobella batho ho sebetsa (bokhoba). Sesosa sa kotsi e kholo e tlisoang ke ho qobella batho bosebeletsi tlhahisong ea lifeme lefatšeng se bonahala haholo-holo mecheng ea phepelo tlhahisong ea kh’othone le khoele ho fapana le tlhahisong  ea liphahlo/ho roka liphahlo. Tikoloho ea Uyghur e hlahisa linoko tse mashome a mabeli lekholong tsa kh’othone e hlahisoang lefatše ka bophara, ‘me ke lipalo tse holimo haholo:

Ke bonyane senoko linokong tse hlano tsa lihlahisoa tsa kh’othone lefatšeng tse hlahisitsoeng ka kh’othone e hlahang tikolohong ea Uyghur, ‘me ho na le tlokotsi e phahameng ea hore lihlahisoa tseo li entsoe ke basebetsi ba neng ba qobeletsoe ho li hlahisa.

Ho na le litsela tse ‘ne tseo ka tsona bareki le barekisi ba kenyang letsoho tlhekefetsong ena ea ho qobella batho ho sebetsa tikolohong eo ea Uyghur:

  1. Ka maqhama a tšebetso le bahlahisi ba fumanehang tikolohong ea Uyghur ba etsang liphahlo kapa lihlahisoa tseling tsa kh’othone.
  2. Ka kamano ea thekisetsano le bareki ba fumanehang kantle ho tikoloho ea Uyghur feela ba fepeloa ke lifeme tse tikolohong eo, esita le ba amohelang litlatsetso kapa basebetsi bao ‘muso oa China o ba fang bona.
  3. Ka kamano ea tšebetso le barekisi ba nang le kamano le bareki ba hirileng basebetsi sebakeng sa bona sa tšebetso ba tsoang tikolohong ea Uyghur ba rometsoeng ke ‘muso.
  4. Ka kamano ea tšebetso le bareki ba China esita le linaha tseling lefatšeng ka bophara tse fepeloang lihlahisoa ke lifeme tse tikolohong ea Uyghur joaloka masela, khoele, kh’othone le tseling.

Ka lebaka la khatello e phahameng le ho hloka bolokolohi ho renang tikolohong ena, methati eo bareki le barekisi ba lebelloang ho e sebelisa ka tloaelo ea ho netefatsa hore lihlahisoa tseo ba li fepeloang li entsoe ntle ho qobello ea batho ho sebetsa- joaloka liphuputso tsa tatelo ea melao ea bosebeletsi- ha ho bobebe ho e kenya tšebetsong sebakeng sena. Lebaka la mantlha ke hore ha ho bobebe ho mosebetsi ho buisana ka sebete le mofuputsi ka lebaka la tšabo ea ho khentša mohiri oa hae. Kahona, tsela feela eo ka eona bareki le barekisi ba ka qobang ho kenya letsoho tlhekefetsong ea mofuta ona ke ka ho khaola maqhama ohle a tšebetso e amanang le tikoloho ea Uyghur methating eohle ea phepelo; ho tloha mothating oa kh’othone e joalo ho ea tsoa mothating oa lihlahisoa tse felileng, esita le ho khaola maqhama le bareki le barekisi bohle bao ebang ba kentse letsoho tlhekefetsong e joalo.