Lipotso tse Hlahang Khafetsa

Mokhatlo oa WRC o qalile joang?

Ka selemo sa 1998, baithuti, liporofesa le litho tseling tsa lijunifesithi tsa Amerika ba ile ba hlokomela hore litokelo tsa basebetsi lifemeng tse ngata tse hlahisang liaparo tse bang le letšoao la lijunifesithi li ne li sa hlomphuoe. Thekiso ea liaparo tsena tsa lijunifesithi naheng ea Amerika ke khoebo e kholo. Kamora ho ithuta maemo a khatikelo ea litokelo a renang lifemeng, batho ba bangata, le bao e seng litho tsa lijunifesithi ba ile ba tšoenyeha haholo. Ho fenya bothata bona, lijunifesithi li ile tsa hlahisa litokomane tsa boitšoaro e le ho tataisa hore bohle ba latele melao e itseng ea mantlha mabapi le litokelo tsa basebetsi. WRC e ile ea theoa ka sepheo sa ho netefatsa hore melaoana ea boitšoaro e ea lateloa. Sepheo sa mokhatlo ona se seholo ke ho tšehetsa basebetsi letšolong la bona la ho batla litsela tsa ho ntlafatsa maemo a tšebetso lifemeng. E le ho ikamahanya le litokomane tseo tsa boitšoaro, WRC e tšepetsoe boikarabello ba ho etsa liphuputso mabapi le maemo a libaka tsa tšebetso lifemeng, ho phatlalatsa liripoto tsa liphuputso tse joalo le ho tsoma mekhoa eo ho ka ntlafatsoang maemo a tšebetso ka eona boemong boo ho ka bonahalang likhaello li le teng.

WRC e thehiloe ka boikopanyo ke litsebi tsa litokelo tsa mantlha tsa botho le litsebi tsa litokelo tsa bosebeletsi naheng ea Amerika, liporofesa le baithuti ba lijunifesithi, tlasa tataiso ea basebetsi ba litokelo tsa mantlha tsa botho le ba litokelo tsa bosebeletsi tikolohong tsa Amerika e hare le Asia.

Ho ile ha theoa le lekhotla la boeletsi leo litho tsa lona e leng litsebi tsa litokelo tsa mantlha tsa botho le litsebi tsa litokelo tsa  bosebeletsi ka morero oa ho tataisa WRC.

 

Liphuputso tsa WRC li sebetsa joang?

Liphuputso tsa WRC li kenyeletsa lipuisano le basebetsi ba lifeme tse tšoareloang thoko le sebaka sa mosebetsi, e ka ba malapeng kapa metseng ea bona. WRC e boetse e buisana le baokameli ba basebetsi ba lifeme, bahlahlobi ba tsa bosebeletsi ba ‘muso, ba tikoloho kapa ba naha, komiti tsa boemeli tsa mekhatlo ea lifeme, baithuti, maqoetha a bosebeletsi, le batho ba bang ba nang le boiphihlelo ba ho thusa tšebetsong ea ho beha lifeme leihlo. Ha bookameli bo fana ka tumello, WRC e etsa tlhahlobo ea feme ka botlalo. Ba boela ba phenyekolla litaba tseo ba li bokeletseng ka feme le likarabo tsa basebetsi tsa puisano tsa bona joale ba tsebe ho fihlela liqeto mabapi le hore na feme e feela e latela tokomane tsa boitšoaro. Moo ho bonahalang khatikelo, WRC e fana ka tataiso ea ho lokisa boemo bo joalo. Ripoto ea mantlha e ea phatlalatsoa Amerika ‘me, maemong a mang, e fetoleloa puong ea naha eo ripoto e entsoeng ka eona batho ba tle ba e fumane.

WRC ha e lumele hore nako ea matsatsana feela e lekane ho ka etsa liphuputso tse tla utolla likhaello tsohle tseo feme e sa lateleng tokomane tsa boitšoaro ho tsona. Ka lebaka lena, ke khetho ea mokhatlo hore liphuputso li shebane haholo le mathata a hlahisoang ke basebetsi kapa ke batho ba bang ba nang le litsebo tse batsi ka feme eo kapa lifeme ka kakaretso.

WRC e fana ka lenaneo-thuto bakeng sa basebetsi hore ba tsebe litokelo tsa bona tse bileng li kenyelelitsoeng le tokomaneng ea boitšoaro e fumanehang lijunifesithing tsa Amerika. Morero oa rona ke ho hlaha ka leqheka leo basebetsi ba ka le sebelisang ho fetisa litletlebo mabapi le khatikelo ea tokomane ea boitšoaro ka thuso ea mekhatlo ea bo-lehae li be li tlo finyella WRC. Ha ho mokhatlo o reretsoeng ho lisa phethahatso ea litokelo o ka tsebang ho ba lifemeng tsohle ka matsatsi ohle a selemo. Ka lebaka lena, WRC e lumela hore tsela e bobebe ea ho netefatsa hore tokomane ea boitšoaro e ea lateloa ke ho rupela basebetsi bohle ba lifeme hore e be bona ba lisang hlompho ea litokelo tsa bona.

WRC e itlama ho phetha thomo ea eona. Kaholimo ho moo, WRC e ipeha ho ba mohloli oa litaba, e le hore batho bohle ba ka bang le thahasello ba ka ithuta ka maemo a renang lifemeng tse hlahisang liaparo bakeng sa lijunifesithi tsa Amerika.

 

WRC e hloaea lifeme tseo e batlang ho li fuputsa joang?

WRC e fuputsa ka feme hobane ho bile le tletlebo hotsoa ho mosebetsi kapa feme e ka fuputsoa hobane e le karolo ea phuputso e etsoang lifemeng tsa bookameli bo itseng.

Ha WRC e fumana tletlebo hotsoa ho mosebetsi oa feme e hlahisang liaparo bakeng sa junifesithi e itseng Amerika, e sheba lintlha tse latelang pele e etsa qeto ea ho nka khato: boima ba khatikelo ea litokelo tsa bosebetsi, maikutlo a mekhatlo ea bo-lehae, bonnete ba tletlebo e joalo, esita le palo ea lijunifesithi tse ikamahanyang le WRC tse hlahisetsoang ke feme e joalo.

WRC e iketsetsa lipatlisiso ka lifeme tse sa tlameng hore li sisingoe ke batho ba ka thoko ho feme tlasa maemo a mang a khethehileng, mohlala; maemong ao ho nang le monyenyetsi o fanoang ke mokhatlo oa bo-lehae hore ho na le mathata a itseng a maholo femeng eo, kapa ha feme e hlahisetsa lijunifesithi tse itseng liaparo tse ngata empa maemo a tšebetso femeng e joalo a sa tsebahale, joalo.

 

Hobaneng ha WRC e na le thahasello lifemeng tse itseng empa e sena thahasello ho tseling?

Ke takatso ea WRC hore litokelo tsa basebetsi li hlomphuoe lifemeng tsohle, empa ke feela lifemeng tse hlahisetsang lijunifesithi moo re nang le matla a ho susumetsa liphetoho le ho tataisa ho lokisa moo ho bonahalang khatikelo. Tšepo ea rona ke hore WRC e tla ntlafatsa maemo a tšebetso lifemeng tse hlahisetsang lijunifesithi ‘me lifeme tse joalo li tle li fetohe mohlala o motle bakeng sa lifeme tseling.

 

Lethathamo la lifeme tse hlahisetsang lijunifesithi le hlaha hokae?

Lijunifesithi tsohle tse amanang le WRC li tlama bahlaisi ba tsona ho fana ka lenane la lifeme tsohle tseo ho rokeloang liaparo tsa junifesithi e joalo ho tsona. WRC e sebelisa litaba tse hlahang mananeng ao ho iketsetsa lethathamo la lifeme tsohle tse hlahisetsang lijunifesithi ‘me lethathamo leo le hlahisa le sebaka moo feme ka ‘ngoe e fumanehang teng.

 

Na bareki ba khaola likonteraka tsa bona ha WRC e utolla mathata?

Kamehla WRC e khothaletsa bareki ho lula femeng e joalo le ho leka ho thusa ho ntlafatsa maemo a renang. Ke tumelo ea WRC hore moreki ea khethang ho khaola konteraka ea hae le feme e joalo ebe o balehela ho enngoe ha a phethe boikarabello ba hae. Taba e tšoanang e ile ea etsahala femeng ea Kukdong e Mexico, ‘me WRC e ile ea qobella Nike ho se fetole feme, ho lula hona femeng eo le ho thusa ho ntlafatsa maemo. Nike e ile ea ananela khothaletso ea WRC.

 

Na litlaleho tsa liphuputso tsa WRC li ka bonoa ke Sechaba sohle?

E! ho joalo. Liripoto tsohle li ea phatlalatsoa ‘me tseling tsa tsona li ea fetoleloa hore Sechaba se tle se li fumane ka puo ea sona. Ho bohlokoa ho totobatsa hore mabitso a basebetsi ba hlahletseng litetlebo esita le ba nkileng karolo lipuisanong le mokhatlo ha a phatlalatsoe kapa ho tsebahatsoa.

 

Ana litokomane tsa boitšoaro li ngata? Basebetsi le batšehetsi ba bona bat la tseba joang litokelo tsa bona hara bongata boo?

Ke ‘nete hore litokomane li ngata, ‘me sena se ka jala pherekano. Empa boholo ba litokomane tseo li ea tšoana. Bongata ba tsona li sebelisa melao ea machaba le melao ea naha e le mehlala ‘me li kenya lipehelo tsa melao eo: moputso oa mathomo, lihora tsa tšebetso, bolokolohi ba ho kena mekhatlo le ho theha mekhatlo, ho se khetholloe, litokelo tsa basali le tseling. Mosebetsi ea etsang tletlebo a ipapisitse le molao ofe kapa oke oa machaba kapa oa naha, kapa le pehelo e itseng tlasa molao, hangata o utloisisa khatikelo eo a e tletlebelang ‘me o tletleba ka nepo.

 

WRC e tsamaisoa joang?

WRC e na le litho tsa lekhotla tse leshome le metso e robeli. Lekhotla lena le kenyeletsa baemeli ba tšeletseng ba tsamaiso ea lijunifesithi, baemeli ba tšeletseng ba mokhatlo oa baithuti oa USAS, esita le baemeli ba tšeletseng ba litsebi litabeng tsa litokelo tsa bosebeletsi.

 

Mosebetsi oa WRC o pataloa ke mang?

Ekaba linoko tse mashome a tšeletseng a metso e mehlano lekholong tsa litsiane tsa WRC tse tsoang litefellong tsa maqhama a lijunifesithi le WRC, linoko tse mashome a mabeli a metso e mehlano tsona e le tsa lithuso tsa naha le machaba tse fuoang mokhatlo, ‘me linoko tse setseng ke tsa batho kapa mekhatlo e meng eo WRC e ba etsetsang mosebetsi oa ho beha leihlo tšebetso ea mananeo a bona.

 

Ke kamano efeng e teng lipakeng tsa WRC le mekhatlo ea basebetsi?

WRC ke mokhatlo o fuputsang maemo a tšebetso ‘me ha o emele basebetsi. Karolo ea WRC ha e ea lokela ho nka sebaka sa karolo ea mekhatlo ea basebetsi e ba emelang. WRC e tšehetsa ka ho phethahala tokelo ea basebetsi ea ho nka karolo le ho theha mekhatlo ea basebetsi e ba loanelang. WRC e ea ananela hore mekhatlo ea basebetsi e bohlokoahali letšolong la ho etsa liphetoho tsa ‘nete tsa moshoelella. Ke tumelo ea WRC hore mekhatlo ea basebetsi ke mehloli ea bohlokoa ea litaba mabapi le maemo a tšebetso. Mokhatlo oa WRC o hlokolosi ho theha setsoalle le mekhatlo ea basebetsi linaheng tse ka Boroa se tla tsoela mahlakore ohle mosola.