Accord on Building and Fire Safety in Bangladesh

Bangladesh e hlaha maemong a bone a linaha tse etsetsang Amerika liphahlo ka bongata. Boleng ba liaparo tseo e li romellang Amerika ke mashome a robeli lekholong la lihlahisoa tsohle tseo ba li rekisetsang linaha tseling, ‘me ba hira limilione tse tharo feeloane hlano tsa basebetsi lifemeng tsa bona. Basebetsi ba lifeme tseo ba tobane le a mang a maemo a hlobaetsang ka hofetisisa tšebetsong ea lifeme, a kenyeletsang meputso e tlaase-tlaase, tlhekefetso ea ‘mele le ea mantsoe, boiphetetso ka bahira ho basebetsi ha ba itseka khahlanong le maemo a mabe a renang, esita le ho sebeletsa meahong e sa tšireletsehang.

Ho tloha ka 2005, maemo ana a sebaka sa tšebetso se sa bolokehang a se a bolaile basebetsi ba Bangladesh ba ka bang likete tse peli ka koluoa tsa mollo le meaho e sa sireletsehang- tseo kaofela li neng li ka qobeha. Ka ‘Mesa, 2013 feela; basebetsi ba sekete, lekholo le mashome a mararo a metso e mene ba timetse ha feme ea Rana Plaza e oela basebetsi holimo, ‘me kotsi eo ke eona e ileng ea eba mpe ka hofetisisa nalaneng eohle ea lifeme. Lifeme tsa Rana Plaza li ne li hlahisetsa barekisi le bareki ba baholo ba bangata ba kenyeletsang JCPenney, The Children’s Place le Walmart. Boholo ba bareki le barekisi bao ba ne ba ile ba tšoara liphuputso mabapi le feme eo likhoeli tse pejana ho ketsahalo eo- leha ho le joalo liphuputso tseo li hlotsoe ho supa esita le ho lokisa litlolo tseo tse khahlanong le tšireletso tse lumeletseng hore lifeme li oele basebetsi holimo.

Tsamaiso e ncha: The Accord

Ka 2013 ha moaho oa Rana Plaza o oela, e ne e se e le lilemo tse ‘maloa WRC e etsa khothaletso le tšisinyo ho bareki ho fetola melao le lipehelo tsa bona mabapi le tšireletso ea lifeme moo Bangladesh e le ho theha polokeho ea ‘nete lifemeng tsa bona. Thahasello e ileng ea tsoaloa ke koluoa ena lefatše ka bophara e ile ea qobella bareki ho boea sekoele ho tla buisana bocha, ‘me WRC le bomphato ba eona ba ile ba atleha ho kholisa bareki le barekisi bao ho tekena tokomane e ileng ea etsa nalane ea “Accord on Building and Fire Safety in Bangladesh”.  Tokomane ena ke eona ea pele ea setla-bocha e tlamang-semolao lipakeng tsa basebetsi, bookameli ba lifeme le bareki hore bareki ba:

  • Fane ka tumello ea hore lifeme tsa bona li lekoloe ke litsebi tsa liphuputso tse ikemetseng.
  • Lumelle hore litlaleho tsa liphuputso tse joalo li phatlaletsoe batho bohle ‘me li fumanehe ha bobebe marang-rang.
  • Patalle litokiso tsohle tse hlokahalang hore lifeme li bolokehe.
  • Emise ho hoeba le lifeme tsohle tse hloloang ho etsa litokiso tsohle tse hlokahalang molemong oa hore lifeme tse joalo e be tikoloho e bolokehileng.

Tumellano ena e boetse e totobatsa methati ea tletlebo ea lekunutu eo basebetsi ba ka e sebelisang ho tlaleha litlhekefetso lifemeng tseo ba sebetsang ho tsona. Tumellano ena e bile e kenyeletsa molaoana o tlamang oa hore ho ka nkoa khato ea makhotla khahlanong le lifeme tse sa nkeng karolo lenaneng lena.

Tumellano ena e fetotse tsela eo khaello litabeng tsa tšireletso e sebetsoang ka eona lifemeng tsa liaparo. Nakong e fetileng, mananeo a ne a eteletsoe-pele ke mekhatlo ‘me a ne a sena tsamaiso e nepahetseng esita le ponaletso. Ka tlas’a tumellano ena, bareki le barekisi ba tlangoa ke molao ho netefatsa hore basebetsi ba bona ba hlahisang liaparo ba sebeletsa tikolohong e tšireletsehileng ea tšebetso.

Tumellano ea Accord kajeno

Kajeno, ke bareki ba ka bang makholo a mabeli ba tekenneng tumellano ena ea 2018, e neng e eketsa tumellano ea mathomo ka lilemo tseling tse tharo. Ba bang ba bareki ba baholo ba tekenneng ba kenyeletsa- H&M, Inditex, le UNIQLO. Hammoho, bareki bana ba hlahisetsoa ke lifeme tse fetang sekete le makholo a tšeletseng, tseo hammoho li hirileng basebetsi ba kaholimo ho limilione tse peli.

Liphuputso tse entsoenf lifemeng tsena li ne li supa hore ho na le litlolo litabeng tsa tšireletso tse ka bang likete tse lekholo le mashome a mararo (130 000) tse mabapi le litaba tse kang meaho e behang maphelo a basebetsi tlokotsing esita le maemo a hlobaetsang a mecha ea mollo. Ho fihlela ho le holimo, boholo ba maemo ana a behang maphelo a basebetsi tlokotsing a lokisitsoe.

Ka ‘Mantaha oa la 1 Phuptjane, ofisi ea Bangladesh ea tumellano ena ea Accord, e fetiselitse litšebeletso tsa eona mokhatlong o satsoa thehoa ke matsoalloa a moo o bitsoang Ready-Made-Garment Sustainability Council (RSC). Leha RSC e thehiloe ka sepheo sa hore, ho ea pele, e tle e be bona mokhatlo oa ntšetso-pele ea mananeo a tšireletso a fanoeng tlas’a tumellano ea Accord moo Bangladesh, ha ho kaba ha tloha ho ena le morero oa hore mokhatlo o joalo o tla hlakola Accord. Boitlamo ba bareki tlas’a tumellano ea Accord ha bo na ho hlakoha hofihlela tumellano e felloa ke nako ka 2021.  Lipuisano pakeng tsa bareki le mekhatlo ea basebetsi tsona li supa hore nako ea tumellano e tla boela e eketsoa ‘me ho tla eketsoa le mekhoa ea tšebetso e le ho anetsa lifeme tseling tsa linaha tse South Asia mananeong a tšireletso a tumellano ena.

Karolo ea WRC

WRC e ntse e tsoelapele ho bapala karolo ea bohlokoahali ea ho hatella le ho kenya tšebetsong tumellano ena ea Accord. Joaloka paki Nakong eo ho tekenoang komiting e tsamaisang tumellano; WRC e sebetsa le litho tseling tsa komiti ho netefatsa hore lipehelo tsohle tsa the Accord li lateloa ka botlalo le hore liphuputso le litokiso tsohle tse reriloeng li etsahala ka nako.